Moya o ditshila, ha o tswile ho motho, o ikela dithoteng tse tjheleng ho batla phomolo, o mpe o e hloke.
Mareka 1:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Sinagogeng ya bona, motho o ne a le teng ya kenweng ke moya o ditshila; a howa, BIBELE Nakong eo, ka tlung ya bona ya thapelo, ho ne ho le teng motho ya nang le moya o ditshila, mme a bokolla, Baasraak Sotho NT Mo sinagogeng ya bona ho ne ho ena le motho ya nang le moya o ditshila; mme a hoeletsa, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mo sinagogeng ya bona ho ne ho ena le motho ya nang le moya o ditshila; mme a hoeletsa, |
Moya o ditshila, ha o tswile ho motho, o ikela dithoteng tse tjheleng ho batla phomolo, o mpe o e hloke.
Mme ba tsota thuto ya hae, hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi.
a re: Taba ya rona le wena ke efe, wena Jesu wa Nasaretha? Hleka o tlile ho re timetsa na? Ke a o tseba, o Mohalaledi wa Modimo.
Nakong eo, Jesu a tswa sinagogeng, a ya le Jakobo le Johanne tlung ya Simone le Andrease.
A fodisa batho ba bangata ba jewang ke malwetse a mefutafuta, a leleka le batemona ba bangata; mme o ne a sa dumele ha batemona ba bolela hore ba mo tseba.
A nna a ruta masinagogeng a bona, naheng yohle ya Galelea, a ntse a leleka le batemona.
A re a sa tswa sekepaneng, motho ya nang le moya o ditshila, ya tswang mabitleng, a phakisa a mo kgahlanyetsa.
hobane mosadi e mong eo ngwanana wa hae a kenweng ke moya o ditshila, o ne a mo utlwile, mme a tla, a kgumama maotong a hae.
Jwale, Jesu ha a bona hobane bongata bo a mo mathela, a kgalemela moya o ditshila, a re: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, nna, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.