a falla Nasaretha, a ya aha Kapernauma, motse o pela lewatle, naheng ya Sabulone le Nefthali;
Mareka 1:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba kena Kapernauma; yare ka tsatsi la Sabatha, Jesu a kena sinagogeng a ruta. BIBELE Ba fihla Kaperenauma. Ka Sabatha Jesu a kena ka tlung ya thapelo, a ruta. Baasraak Sotho NT Ba kena Kapernauma; mme hang ka letsatsi la Sabatha a kena sinagogeng, a ruta. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba kena Kapernauma; mme hang ka letsatsi la Sabatha a kena sinagogeng, a ruta. |
a falla Nasaretha, a ya aha Kapernauma, motse o pela lewatle, naheng ya Sabulone le Nefthali;
Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.
Yaba o phakisa a ba bitsa; ba tlohela ntata bona Sebedea sekepaneng le ba mo sebeletsang, mme ba mo latela.
Nakong eo, Jesu a tswa sinagogeng, a ya le Jakobo le Johanne tlung ya Simone le Andrease.
A nna a ruta masinagogeng a bona, naheng yohle ya Galelea, a ntse a leleka le batemona.
Jesu ha a tloha moo, a ya meeding ya Judea, mose ho Jordane; bongata ba boela ba bokana ho yena, mme a boela a ba ruta jwalokaha e ne e le mokgwa wa hae.
Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, Jesu a boela a kena Kapernauma, mme ha utlwahala hobane o tlung.
Eitse tsatsi la Sabatha ha le tjhaba, a qala ho ruta sinagogeng, mme ba bangata ba mo utlwang ba tsota, ba re: Taba tsena eo o di nkile kae? Keng bohlale boo eo a bo neilweng, le mehlolo e kalo e etswang ka matsoho a hae?
Haele wena Kapernauma, ya phahamisitsweng ho fihlela lehodimong, o tla kokobetswa ho fihlela nqalong ya bafu.
A fihla Nasaretha, moo a neng a holetse teng. Ka letsatsi la Sabatha, a kena sinagogeng ka mokgwa wa hae; mme a ema hore a bale.
A re ho bona: Efela le sa tla mpolella setshwantsho se reng: Ngaka, o iphodise e le wena; ntho tseo re di utlwileng di etseditswe Kapernauma, o etse tse kalo le mona naheng ya heno.
Pauluse, ka temalo ya hae, a kena ho bona, mme ka Disabatha tse tharo, a fetolana le bona ka Mangolo,
Empa ka matsatsi wohle a Sabatha, o ne a bolela ditaba sinagogeng, a kgodisa Bajuda le Bagerike.