Moshe a kena lerung, a hlwella thabeng, mme Moshe a hlola thabeng matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.
Mareka 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) A nna a ba feelleng ka matsatsi a mashome a mane, a lekwa ke Satane; o ne a le hara dibatana, mme mangeloi a ne a mo sebeletsa. BIBELE mme a hlola feelleng matsatsi a mashome a mane a le hara dibatana, a ntse a lekwa ke Satane, mme mangeloi a mo sebeletsa. Baasraak Sotho NT A hlola feelleng matsatsi a mashome a mane, a ntse a lekwa ke Satane; mme o ne a na le dibatana; mme mangeloi a ne a mo sebeletsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A hlola feelleng matsatsi a mashome a mane, a ntse a lekwa ke Satane; mme o ne a na le dibatana; mme mangeloi a ne a mo sebeletsa. |
Moshe a kena lerung, a hlwella thabeng, mme Moshe a hlola thabeng matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.
Moshe a ba le Jehova matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a sa je bohobe, a sa nwe metsi; a ngola matlapeng mantswe a selekane, e leng mantswe a leshome.
Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?
Eitse hobane matsatsi a mashome a mane a fete, Jehova a nnea matlapa a mabedi, e leng matlapa a selekane;
Ka itihela fatshe pela Jehova jwaloka pele, ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi, ka baka la dibe tsohle tsa lona, tseo le di entseng ka ho etsa bobe pela Jehova, ho mo phephetsa.
Efela ka itihela fatshe pela Jehova ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, jwalokaha ke ne ke itihetse pele, kahobane Jehova a ne a itse, o rata ho le fedisa.
Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.