Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.
Luka 9:52 - Sesotho 1909/1961 (SO) A roma manqosa a mo etellang pele; bao ba tloha, ba kena motseng wa Basamaria, ho mo lokisetsa. BIBELE mme a roma baromuwa ho mo etella pele. Ba kena motseng o mong wa Basamaria ho mo lokisetsa. Baasraak Sotho NT A roma manqosa ho mo etella pele, mme a tloha, a kena motsaneng wa Basamaria, ho mo lokisetsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A roma manqosa ho mo etella pele, mme a tloha, a kena motsaneng wa Basamaria, ho mo lokisetsa. |
Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.
Jesu a roma ba leshome le metso e mmedi bao, a ba laela, a re: Le se ke la ya ho baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria;
Kamora taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle, le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.
Empa Mosamaria e mong, wa moeti, ha a etla moo a leng teng, yare ha a mmona, a mo utlwela bohloko.
Ke yena eo ho ngodilweng tsa hae, ha ho thwe: Bona, ke roma pela sefahleho sa hao lenqosa la ka, le tla lokisa tsela pela hao.
Yaba o fihla motseng wa Samaria, o bitswang Sikare, haufi le naha eo Jakobo a neng a e nee Josefa, mora wa hae.
Mosadi eo wa Samaria a re ho yena: Ere o le Mojuda, o qela jwang metsi ho nna, ke le mosadi wa Samaria? Athe Bajuda ha ba kopane le Basamaria.
Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re: O Mosamaria, mme o na le motemona na?