Luka 9:43 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme bohle ba tsota borena bo matla ba Modimo. Bohle ha ba tsota tsohle tseo Jesu a di etsang, a bolella barutuwa ba hae, a re: BIBELE Bohle ba tsota boholo ba Modimo. Yare ha bohle ba makalla tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae: Baasraak Sotho NT Bohle ba hlollwa ke matla a Modimo a maholo. Eitse ha ba ntse ba hlollwa ke tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae: Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bohle ba hlollwa ke matla a Modimo a maholo. Eitse ha ba ntse ba hlollwa ke tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae: |
Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Leha taba eo e ka ba thata mahlong a masala a setjhaba sena, matsatsing ao, na le mahlong a ka e ka ba thata, ho botsa Jehova wa makgotla?
A hlwella ho bona ka sekepaneng; yaba moya o a kgutsa, mme ba makala kahare ho bona ka ho fetisisa, ba ba ba hlollwa;
Sa hla sa bona hang, sa mo latela, se ntse se rorisa Modimo. Mme batho kaofela ba boneng hoo, ba boka Modimo.
Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Lentswe lena ke eng, ha a kgalemela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e etswa?
Ba hlollwa kaofela, ba rorisa Modimo, mme ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.
A ba a re ho bona: Tumelo ya lona e kae? Ba mpa ba tshaba, ba makala, ba bolellana, ba re: Na enwa ke mang, ha a laela le yona meya le metsi, mme di mo utlwe?
A re a sa tla, motemona a mo idibanya, a ba a mmipetsa; empa Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, mme a mo nea ntatae.
Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.