Bonang, ke ya le romela moporofeta Elia, ho eso ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tshabehang.
Luka 9:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba araba, ba re: Ho thwe ke ba bang: O Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re: O Elia; empa ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung. BIBELE Ba araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re moporofeta e mong wa ba boholoholo o tsohile bafung.” Baasraak Sotho NT Ba araba, ba re: Ke Johanne Mokolobetsi; empa ba bang ba re: Elia; ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba araba, ba re: Ke Johanne Mokolobetsi; empa ba bang ba re: Elia; ba bang ba re: E mong wa baporofeta ba kgale o tsohile bafung. |
Bonang, ke ya le romela moporofeta Elia, ho eso ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tshabehang.
Yaba o re ho bahlanka ba hae: Eo ke Johanne Mokolobetsi: o tsohile bafung, mme ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.
Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.
Ba bang ba ne ba re: Ke Elia; ba bang ba re: Ke moporofeta, leha e le ya jwaloka e mong wa baporofeta.
Ha a le kathoko, a rapela, a ena le barutuwa ba hae, a ba botsa, a re: Batho ba re, ke mang?
A re ho bona: Lona, le re ke mang? Yaba Simone Petrose o araba, a re: O Kreste wa Modimo.
Ba mmotsa, ba re: Ke ho reng? A o Elia na? A re: Ha ke yena. A o moporofeta eo na? A araba, a re: Tjhe.
Ba boela ba mmotsa, ba re ho yena: Ha o se Kreste, o se Elia, o se moporofeta eo, ke ka baka lang ha o kolobetsa na?
Ba bangata hara batho ba bokaneng, eitse ha ba utlwa polelo eo, ba re: Kannete enwa ke moporofeta.
Ba boela ba re ho sefofu: Wena, o reng ka yena, ha a o tutubolotse mahlo? A re: Ke moporofeta.