Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?
Luka 8:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a mmotsa, a re: Lebitso la hao o mang? A re: Ke Legione. Hobane batemona ba bangata ba ne ba kene ho yena. BIBELE Jesu a mmotsa, a re: “Lebitso la hao o mang?” A re: “Ke Lebotho;” kahobane ho ne ho kene bademona ba bangata ka ho yena. Baasraak Sotho NT Jesu a mmotsa, a re: Lebitso la hao o mang? A re: Ke Legione, hobane batemona ba bangata ba ne ba kene ho yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a mmotsa, a re: Lebitso la hao o mang? A re: Ke Legione, hobane batemona ba bangata ba ne ba kene ho yena. |
Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?
Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.
Ba howa, ba re: Taba ya rona le wena keng, Mora wa Modimo? Na o tlile mona ho re hlokofatsa, e eso ho be nako ya teng na?
[Jesu ha a tsohile kameso ya letsatsi le qalang veke, a itlhahisa pele ho Maria Magdalena, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena.
Jesu a botsa, a re: Lebitso la hao o mang? Wa araba, wa re ho yena: Lebitso la ka ke Legione; hobane re bangata.
le basadi ba bang, ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse: e le Maria, ya bitswang Magdalena, eo batemona ba supileng ba neng ba tswile ho yena;
A rialo kahobane Jesu a ne a laela moya o ditshila ho tswa mothong eo. Hobane e ne e se e le kgale o mo tshwere; mme o ne a kile a holehuwa ka mahlaahlela, a tlangwa maoto ka ditshepe; empa o ne a robile ditlamo tseo, a susumeletswa feelleng ke motemona.