Luka 7:45 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha o a ka wa nkaka; empa enwa, esale a kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka. BIBELE Ha o a nkaka, empa mosadi enwa, haesale ke kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka. Baasraak Sotho NT Ha o a ka wa nkaka, empa mosadi enwa haesale ke kena, ha a ka a kgaotsa ho aka maoto a ka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha o a ka wa nkaka, empa mosadi enwa haesale ke kena, ha a ka a kgaotsa ho aka maoto a ka. |
Esau a titima ho mo kgahlanyetsa, a mo phothoma a wela molaleng wa hae, a mo aka; mme a lla.
Enere motho ha a etla ho inama pela hae, o ne a mo otlollela letsoho, a mo tshware, a mo ake.
Jwale, setjhaba sohle sa tshela Jordane, le yena morena a tshela, a ntoo aka Barsillai, a mo hlohonolofatsa, Barsillai a ba a ipoella ha hae.
Mme lona bontata bana, le se ke la halefisa bana ba lona; le mpe le ba hodise ka ho ba laya le ka ho ba rutela Moreneng.