Luka 7:43 - Sesotho 1909/1961 (SO) Simone a mo araba, a re: Nka re: Ke ya tloheletsweng ho hoholo. Jesu a re ho yena: O ahlotse hantle. BIBELE Simone a araba, a re: “Ke hopola hore e tla ba eo a mo lebaletseng ho feta.” Jesu a re ho yena: “O ahlotse ka nepo.” Baasraak Sotho NT Simone a araba, a re: Ke lekanya hore ke eo a mo tshwaretseng boholo. A re ho yena: O ahlotse hantle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Simone a araba, a re: Ke lekanya hore ke eo a mo tshwaretseng boholo. A re ho yena: O ahlotse hantle. |
Jesu, ha a mmona hoba o arabile ka kelello, a re ho yena: Ha o hole le mmuso wa Modimo. Mme ha ho a ka ha hlola ho eba motho ya betang pelo ho mmotsa.
Ba re ba ntse ba tsamaya, a kena motsaneng o mong. Mosadi e mong, ya bitswang Maretha, a mo amohela tlung ya hae.
Yare ha ba hloka seo ba ka lefang ka sona, a ba tlohella molato ba babedi. Ako bolele hore ke ofe ho bona ya tla mo rata haholo.
Yaba o retelehela ho mosadi, a re ho Simone: Mosadi enwa o a mmona na? Ke kene tlung ya hao, mme ha o a ka wa nnea metsi ho itlhatswa maoto; empa enwa o kolobisitse maoto a ka ka meokgo, o a hlakotse ka moriri wa hlooho ya hae.
ka baka leo, ke re ho wena: Dibe tse ngata tsa hae o di tshwaretswe; ke ka baka leo a ratileng haholo; empa ya tlohellwang ho honyenyane, o rata hanyenyane.