Mosadi a re: Homme ke ka baka lang ha o hopotse ho etsetsa setjhaba sa Modimo taba e kale ka eo na? Ka taba eo morena a e boletseng, o ikentse motho ya kang o molato, kahobane morena a sa late ngwana hae ya lelekilweng.
Luka 7:42 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha ba hloka seo ba ka lefang ka sona, a ba tlohella molato ba babedi. Ako bolele hore ke ofe ho bona ya tla mo rata haholo. BIBELE Kaha ba ne ba se na seo ba ka mmuseletsang ka sona a ba leballa molato bobedi. Ke ofe ho bona ya tla mo rata ho feta?” Baasraak Sotho NT Eitse hobane ba se na seo ba ka lefang ka sona, a ba tshwarela bobedi ba bona. Ak’u mpolelle, ke ofe ho bona ea tla mo rata haholo? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane ba se na seo ba ka lefang ka sona, a ba tshwarela bobedi ba bona. Ak’u mpolelle, ke ofe ho bona ea tla mo rata haholo? |
Mosadi a re: Homme ke ka baka lang ha o hopotse ho etsetsa setjhaba sa Modimo taba e kale ka eo na? Ka taba eo morena a e boletseng, o ikentse motho ya kang o molato, kahobane morena a sa late ngwana hae ya lelekilweng.
Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.
Ke hlakotse ditlolo tsa hao jwaloka mohodi, le dibe tsa hao jwaloka leru; sokolohela ho nna, hobane ke o lopolotse.
Morena wa hae a ba bohale, mme a mo neela bahlokofatsi, hore a be a lefe molato wohle wa hae.
Simone a mo araba, a re: Nka re: Ke ya tloheletsweng ho hoholo. Jesu a re ho yena: O ahlotse hantle.
Efela, ha re ne re se na matla, Kreste a shwa ka nako e tshwanelang, sebakeng sa ba sa reng letho ka Modimo.
Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.
Ke ka ho yena re nang le topollo ka madi a hae, ke ho re, tshwarelo ya ditshito, ka monono wa mohau wa hae,
Le rekolohelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo le wona o le tshwaretse ka Jesu Kreste.
Le mamellane, le rekolohelane, mme ekare ha e mong a ena le komang le e mong jwalokaha Kreste a le hauhetse, etsang jwalo le lona.