Luka 7:40 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a mo araba, a re ho yena: Simone, ke na le seo ke o bolellang sona. A re: Bua, moruti. BIBELE Jesu a mo araba, a re: “Simone, ke na le seo ke ratang ho o bolella sona.” Yena a re: “Moruti, se bolele!” Baasraak Sotho NT Jesu a araba, a re ho yena: Simone, ke na le seo ke batlang ho o bolella sona. A re: Moruti, bolela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba, a re ho yena: Simone, ke na le seo ke batlang ho o bolella sona. A re: Moruti, bolela. |
Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.
Mora o hlonepha ntatae, le mohlanka o hlonepha morena wa hae. Haeba ke ntata lona, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena wa lona, e kae tshabo eo le ntshabang ka yona? ho bolela Jehova wa makgotla ho lona baprista ba nyedisang lebitso la ka; athe le re: Re nyedisa lebitso la hao kang?
Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna: Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha re a ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na?
Yaba mmusi e mong wa sinagoge o mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke tla etsa eng ho rua lefa la bophelo bo sa feleng?
Yare ha Jesu a lemoha mehopolo ya bona, a araba, a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?
Jesu a araba, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka; empa e batlwa ke ba kulang.
Empa o ne a tseba mehopolo ya bona, a ba a re ho motho ya letsoho le omeletseng: Tsoha, o eme hare. Yaba o tsoha, a ema.
Yaba mofarisi ya neng a mmitsitse, ha a bona hoo, o ipuella, a re: Motho enwa, hoja ke moporofeta, a ka be a tseba mosadi eo, ya mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ya jwang; hobane ke moetsadibe.
Morui o ne a le teng ya nametsweng ke batho ba le babedi; e mong o ne a namile ka didenare tse makgolo a mahlano, e mong ka tse mashome a mahlano.
Jesu a tseba hobane ba rata ho mmotsa, a ba a re ho bona: Le botsana seo ke tswa se bolela, ha ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone.
Jwale, re a lemoha hobane o tseba tsohle, mme ha o a tshwanelwa ke ho botswa letho ke motho; ke ka baka leo re dumelang hobane o tswa ho Modimo.
A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena.