Luka 7:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa bafarisi le baruti ba molao ba itshenyeleditse morero wa Modimo, ha ba sa ka ba kolobetswa ke yena. BIBELE ha e le Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba ile ba fetola morero wa Modimo lefeela, ka ho se kolobetswe ke yena. Baasraak Sotho NT Empa Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba latola morero wa Modimo, ka ho se kolobetswe ke yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba latola morero wa Modimo, ka ho se kolobetswe ke yena. |
Le ka bolela jwang, la re: Re ba bohlale, re na le molao wa Jehova? Kannete, pene ya bohata ya bangodi e o entse leshano.
Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao hammoho, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne!
Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, setjhaba kaofela se tla re tlepetsa ka majwe; hobane se kgotswe hoba Johanne e ne e le moporofeta.
Empa ha a lekanya Iseraele, o re: Ke otlolotse matsoho a ka ka tsatsi lohle, ho bitsa setjhaba se sa utlweng, se hanyetsang.
Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.
Ha ke etse mohau wa Modimo lefeela; hobane ha ekaba ho loka ho tswa molaong, ekaba Kreste o shwetse lefeela.
Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae;