Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.
Luka 7:29 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bohle ba mo utlwileng le balekgetho, ha ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne, ba tlotlisitse ho loka ha Modimo. BIBELE Batho bohle le balekgetho ha ba utlwa ba ile ba ananela ho loka ha Modimo, ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne; Baasraak Sotho NT Mme batho bohle ba mo utlwang, le balekgetho, ba bolela hore Modimo o lokile, ha ba ntse ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme batho bohle ba mo utlwang, le balekgetho, ba bolela hore Modimo o lokile, ha ba ntse ba kolobetswa ka kolobetso ya Johanne. |
Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.
Hobane ha le rata ba le ratang, le ka ba le moputso ofe? Na balekgetho ha ba etse jwalo le bona na?
Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, setjhaba kaofela se tla re tlepetsa ka majwe; hobane se kgotswe hoba Johanne e ne e le moporofeta.
Ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi, moporofeta e moholo ho Johanne Mokolobetsi ha a yo. Feela, e monyenyane mmusong wa Modimo o moholo yo Yena.
Monna eo o ne a rutilwe tsela ya Morena; o ne a bua ka moya o nang le tjheseho, a ruta ka kelello ditaba tsa Morena, leha a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela.
Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Modimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlasa ho loka ha Modimo;
Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!
Mme ka utlwa lengeloi la metsi, le re: O lokile, Morena, ya leng teng, ya neng a le teng, ya halalelang, ha o ahlotse jwalo.
Yaba Adoni-Beseke o re: Marena a mashome a supileng a pomilweng menwana e metona ya matsoho le ya maoto, a ne a thola makumane katlasa tafole ya ka. Modimo o buseditse ho nna seo ke se entseng. Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela teng.