Jesu eitse ha a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, Ba Bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,
Luka 7:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Taba eo a bolelwang ka yona ya tuma Judea yohle le naheng yohle e kamathoko. BIBELE Yaba taba tsa hae di phatlalla le Judea kaofela le tikolohong yohle. Baasraak Sotho NT Taba ena ya hae ya utlwahala Judea yohle, le naheng yohle ya mathoko. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Taba ena ya hae ya utlwahala Judea yohle, le naheng yohle ya mathoko. |
Jesu eitse ha a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, Ba Bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,
Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.
Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.
Yaba Jesu o boela Galelea ka matla a Moya; mme botumo ba hae ba utlwahala mathokong wohle a naha eo.
Mme a atamela, a ama mojaro wa mofu. Yaba ba mo jereng ba ema. A re: Mohlankana, ke re ho wena: Tsoha!