Kapa ereng, sefate se setle, tholwana ya sona le yona e ntle; kapa ereng, sefate se sebe, tholwana ya sona le yona e mpe; hobane sefate se tsejwa ka tholwana ya sona.
Luka 6:44 - Sesotho 1909/1961 (SO) Efela sefate se seng le se seng se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Hobane difeiye di ke ke tsa kgolwa meutlweng, le morara o ke ke wa kgolwa dibajweng. BIBELE Etswe sefate se seng le se seng se tsejwa ka ditholwana tsa sona, hobane ha ho kgolwe difeiye meutlweng, ebile ha ho kguwe morara hlabahlabaneng. Baasraak Sotho NT Hobane sefate se seng le se seng se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Hobane batho ha ba bokelle lifeiga meutloeng, leha e le hore ba kha morara sefateng sa meutlwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane sefate se seng le se seng se tsejwa ka ditholwana tsa sona. Hobane batho ha ba bokelle lifeiga meutloeng, leha e le hore ba kha morara sefateng sa meutlwa. |
Kapa ereng, sefate se setle, tholwana ya sona le yona e ntle; kapa ereng, sefate se sebe, tholwana ya sona le yona e mpe; hobane sefate se tsejwa ka tholwana ya sona.
Le tla ba tseba ka ho beha ha bona. Ana morara o kgolwa meutlweng, kapa a difeiye di kgolwa dibajweng na?
Na, banabeso, sefate sa feiye se ka beha ditholwana tsa mohlwaare na? Kapa morara o ka beha difeiye na? Le hona ha ho sediba se ka kollang metsi a babang le a monate.
Bao ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba ntse ba eja le lona; ba kgora hampe, ba se na dihlong; ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya; ke difate tse hlohlorehileng, tse sa beheng, tse shweleng habedi, tse fothotsweng;