Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.
Kapa o ka bolella ngwaneno jwang, wa re: Ngwaneso, ntumelle, ke ntshe lehlokwana le leihlong la hao, kanthe wena, ha o tadime tshiya e leihlong la hao? Moikaketsi, qala ka ho ntsha tshiya e leihlong la hao, ke moo o tla bontshisa ho ntsha lehlokwana le leihlong la ngwaneno.
Ha ho le jwalo, wena motho, leha o ka ba mang le mang, o ahlolang ba bang, ha o na moitatolo; hobane, ha o ntse o ahlola ba bang, o itswa e le wena; hobane wena ya ahlolang, o etsa tsona ditaba tseo.