Luka 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Matsatsing ao, a tswela thabeng ho rapela, mme a qeta bosiu a ntse a rapela Modimo. BIBELE Matsatsing ao ha etsahala hore Jesu a tswele thabeng ho ya rapela, mme a sesa bosiu a ntse a rapela Modimo. Baasraak Sotho NT Matsatsing ao, a tswela thabeng ho ya rapela, mme a hlola bosiu bohle ho rapela Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Matsatsing ao, a tswela thabeng ho ya rapela, mme a hlola bosiu bohle ho rapela Modimo. |
Moya wa ka o o lakatsa bosiu, pelo ya ka e o batla kahare ho nna; hobane mohla dikahlolo tsa hao di otlang lefatshe, batho ba lefatshe ba ithuta ho loka.
Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.
Jesu, ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme hobane a dule, barutuwa ba hae ba mo atamela.
Empa wena, ha o rapela, kena phaposing ya hao, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.
Ha a theohile le bona, a ema lehwatateng le bongata ba barutuwa ba hae, le batho ba bangata ba setjhaba ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le mathokong a lewatle la Tire le Sidone, ba neng ba tlile ho mo utlwa le ho fodiswa malwetse a bona;
Ha a le kathoko, a rapela, a ena le barutuwa ba hae, a ba botsa, a re: Batho ba re, ke mang?
Kamora taba tseo, hobane ho fete matsatsi a batlang ho roba meno e le mmedi, Jesu a ya le Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho rapela.
A re a sa ntse a rapela, ponahalo ya sefahleho sa hae ya fetoha, mme diaparo tsa hae tsa sweufala, tsa kganya.
Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,
Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.