ba reng: Ema hojana, se atamele ho nna, hobane ho wena ke ya kgethehileng. Batho bao ke mosi dinkong tsa ka, mollo o tukang kamehla.
Luka 5:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona? BIBELE Bafarisi le Ditsebi tsa bona tsa Molao ba korotlela barutuwa ba Jesu, ba re: “Ke ka lebaka lang ha le eja, mme le enwa le balekgetho le baetsadibe na?” Baasraak Sotho NT Bangodi le Bafarisi ba bona ba korotlela barutuwa ba hae, ba re: “Ke ka baka lang ha le ja le balekgetho le baetsadibe, le nwa le bona? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bangodi le Bafarisi ba bona ba korotlela barutuwa ba hae, ba re: “Ke ka baka lang ha le ja le balekgetho le baetsadibe, le nwa le bona? |
ba reng: Ema hojana, se atamele ho nna, hobane ho wena ke ya kgethehileng. Batho bao ke mosi dinkong tsa ka, mollo o tukang kamehla.
Hobane ha le rata ba le ratang, le ka ba le moputso ofe? Na balekgetho ha ba etse jwalo le bona na?
Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Na moruti wa lona o jelang le balekgetho le baetsadibe?
Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jelang le balekgetho le baetsadibe, o nwelang le bona?
Hobane bafarisi le Bajuda bohle ba ke ke ba eja, ha ba eso ho hatlele haholo, ba re, ba boloka mokgwa wa baholo.
Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.
Ka tsatsi le leng, Jesu o ne a ruta; bafarisi le baruti ba molao, ba tswang metsaneng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, ba ne ba dutse ho yena, mme matla a Morena a ne a bonahala ka ho fodisa.
Bangodi le bafarisi ba qala ho bolela dipelong tsa bona, ba re: Enwa ke mang, ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya nang le matla a ho tshwarela dibe, haese Modimo o nnotshi?
Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme le re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe.
Yaba mofarisi ya neng a mmitsitse, ha a bona hoo, o ipuella, a re: Motho enwa, hoja ke moporofeta, a ka be a tseba mosadi eo, ya mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ya jwang; hobane ke moetsadibe.
Jwale, ha etswa lerata le leholo. Bangodi ba emelang bafarisi ba ema, ba araba, ba re: Ha re fihlele bobe leha bo le bong ho motho eo; ha ekaba moya o fela o buile le yena, kapa lengeloi, a re se keng ra lwantsha Modimo.