Luka 5:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eo a phakisa a ema pontsheng ho bona, a nka diphate tseo a neng a robetse ho tsona, a ikela tlung ya hae a ntse a rorisa Modimo. BIBELE Hanghang a ema ba ntse ba mmona, a nka seo a neng a robetse ho sona, a ya tlung ha hae a ntse a tlotlisa Modimo. Baasraak Sotho NT A ema kapele ho bona, a nka seo a neng a robetse hodima sona, a ikela tlung ya hae, a ntse a tlotlisa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ema kapele ho bona, a nka seo a neng a robetse hodima sona, a ikela tlung ya hae, a ntse a tlotlisa Modimo. |
Ya ntlhabelang sehlabelo sa diteboho ke yena ya ntlotlisang; e mong le e mong ya lokisang tsela ya hae, ke tla mmontsha poloko ya Modimo.
Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo.
A ema kapele, a nka diphate, a tswa pontsheng ho bona bohle. Ba hlollwa bohle, ba rorisa Modimo, ba re: Ha re eso ho ka re bona ho jwalo!
Sa hla sa bona hang, sa mo latela, se ntse se rorisa Modimo. Mme batho kaofela ba boneng hoo, ba boka Modimo.
A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena.
Ba boela ba bitsa la bobedi motho ya neng a foufetse, ba re ho yena: Nea Modimo thoriso; rona re a tseba hobane motho eo ke moetsadibe.