Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.
Luka 5:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi le leng, Jesu o ne a ruta; bafarisi le baruti ba molao, ba tswang metsaneng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, ba ne ba dutse ho yena, mme matla a Morena a ne a bonahala ka ho fodisa. BIBELE Ka le leng la matsatsi ao, ha Jesu a ntse a ruta, Bafarisi le baruti ba Molao ba tswang motseng o mong le o mong wa Galelea, Judea le Jerusalema, ba ne ba dutse moo. Matla a Morena a ho fodisa a ba teng ho yena. Baasraak Sotho NT Ka tsatsi le leng, ha a ntse a ruta, ho ne ho dutse Bafarisi le Ditsebi tsa Molao, ba tswang metseng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, mme matla a Morena a ne a le teng. teng ho ba fodisa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka tsatsi le leng, ha a ntse a ruta, ho ne ho dutse Bafarisi le Ditsebi tsa Molao, ba tswang metseng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, mme matla a Morena a ne a le teng teng ho ba fodisa. |
Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.
Empa motho eo a tloha, a qala ho bolela taba tse ngata, a hasanya se entsweng, Jesu a ba a sitwa le ho kena metseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle, feelleng; mme batho ba ne ba etswa kahohle, ba ya ho yena.
ba tla tshwara dinoha, mme leha ba nwele ntho e ka ba bolayang, ha e ka ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.
Bangodi ba theohileng Jerusalema, ba re: O na le Beelsebule, mme o leleka batemona ka morena wa batemona.
Jesu a mpa a phakisa a lemoha ka ho yena matla a tswileng ho yena, mme a reteleha hara bongata, a re: Ke mang ya amileng kobo ya ka?
Bafarisi le bangodi bona ba ne ba seba ke hona, ba re: Eno o amohela baetsadibe, o ja le bona.
Kamora matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a dutse hara baruti, a ba mamela, a ba botsa.
Bangodi le bafarisi ba qala ho bolela dipelong tsa bona, ba re: Enwa ke mang, ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya nang le matla a ho tshwarela dibe, haese Modimo o nnotshi?
Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona?
Bongata bohle bo ne bo rata ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, a fodisang bohle.
Empa bafarisi le baruti ba molao ba itshenyeleditse morero wa Modimo, ha ba sa ka ba kolobetswa ke yena.
Empa ya etsang nnete, o tla leseding, mesebetsi ya hae e tle e bonahatswe hore e etseditswe Modimo.
Mme o otlolle letsoho la hao ho fodisa batho, le ho etsa meeka le mehlolo ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.
Empa mofarisi e mong, ya bitswang Gamaliele, moruti wa molao ya roriswang ke setjhaba kaofela, a ema hara lekgotla, a laela hore baapostola ba ntshetswe ntle motsotswana o se okae.