Mme ba tsota thuto ya hae, hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi.
Luka 4:32 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba ne ba tsota thuto ya hae; hobane a ne a bua ka borena. BIBELE mme batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane mantswe a hae a ne a ena le matla. Baasraak Sotho NT Ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane lentswe la hae le ne le le matla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane lentswe la hae le ne le le matla. |
Mme ba tsota thuto ya hae, hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi.
Monna o ne a le teng sinagogeng, ya nang le moya wa motemona o ditshila; a howa ka lentswe le leholo,
Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Lentswe lena ke eng, ha a kgalemela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e etswa?
Moya ke wona o phedisang: nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moya, e bile ke bophelo.
Bahlanka ba araba, ba re: Ha ho eso ho be motho ya buang jwaloka motho eo, le ka mohla o le mong.
Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.
Hobane Evangeli ya rona ha e a ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moya o Halalelang, le ka kgodiso e kgolo, jwalokaha le tseba seo re bileng sona ha heno, ka baka la lona.
Bolela taba tseo, mme o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle; ho se ke ha eba motho ya o nyedisang.