Luka 4:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le balepera ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, empa ha ho a ka ha eba e mong wa bona ya ntlafaditsweng, haese Naamane wa Mosiria. BIBELE Ho ne ho bile ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, mme ha ho a ka ha hlwekiswa le ya mong wa bona, haese Mosiria Naamane feela.” Baasraak Sotho NT Ho ne ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha; mme ho ne ho se le a mong wa bona ya ileng a hlwekiswa, haese Naamane wa Mosiria. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho ne ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha; mme ho ne ho se le a mong wa bona ya ileng a hlwekiswa, haese Naamane wa Mosiria. |
Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?
kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa lokele ho jewa ke yana le ke ba nang le yena, e le a baprista ba nnotshi?
Jesu a nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la hae le fola hang.
Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka nna ka ba boloka ka lebitso la hao. Ke sireleditse bao o nneileng bona, mme ha ho le a mong wa bona ya timetseng, haese mora timelo, hore Lengolo le etsahale.