Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.
Luka 3:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) a eketsa tsohle tseo ka ho kenya Johanne teronkong. BIBELE Heroda a eketsa ka ho kwalla Johanne tjhankaneng. Baasraak Sotho NT A eketsa ka sena hodima tsohle, a kwalla Johanne teronkong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A eketsa ka sena hodima tsohle, a kwalla Johanne teronkong. |
Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.
le ka baka la madi a se nang molato a tsholotsweng ke yena, kamoo a neng a tlatsitse Jerusalema kateng, ka madi a se nang molato; mme Jehova ha a ka a rata ho ba tshwarela.
Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.
Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.
Ke kgalemetse bana ba lona ka lefeela; ha ba amohele tayo; lerumo la lona le bolaile baporofeta ba lona jwaloka hoja ke tau e harolang.
Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse.