Luka 3:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Seoloso sa hae se letsohong la hae, mme seotlo sa hae o tla se fiela ruri; o tla bokella koro modikong wa hae; haele mooko, o tla o tjhesa mollong o sa timeng. BIBELE Ke eo seoloso sa hae se leng letsohong la hae ho hlwekisa seotlo sa hae le ho bokella koro sesiung sa hae, empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.” Baasraak Sotho NT Seolo sa hae se letsohong la hae, mme o tla hlwekisa seotlo sa hae ka botlalo, a bokelle koro ka tlung ya hae; empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Seolo sa hae se letsohong la hae, mme o tla hlwekisa seotlo sa hae ka botlalo, a bokelle koro ka tlung ya hae; empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng. |
Dikgomo le diesele tse lemang naha di tla ja furu e nokilweng ka letswai, e kileng ya oloswa ka seoloso le sekofele.
Ke ba olosa ka seoloso dikgorong tsa naha, ke timetsa ba batjha ba setjhaba sa ka, le sona ke a se fedisa, hobane ha se bakele mekgwa ya sona.
Empa ha di tsebe mehopolo ya Jehova, ha di utlwisise morero wa hae, hobane o di bokeletse jwaloka mangata a seotlong.
Di leseng tse pedi, di hole hammoho, ho be ho fihle kotulo; ke hona mohla ho kotulwang ke tla re ho bakotudi: Helang mofoka pele, le o tlame mangata, le o tjhese; le mpe le bokelle koro modikong wa ka.
Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.
A nna a ba kgothatsa le ka ditaba tse ding tse ngata, a ntse a bolella setjhaba Evangeli.