Luka 24:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme kahobane ba ne ba sa belaela ka baka la ho thaba le ho makala, a re ho bona: Na mona le na le ntho e jewang na? BIBELE Yare ha ba ntse ba sa dumele ke thabo, ba maketse, a re ho bona: “Na le na le ho ka jewang moo?” Baasraak Sotho NT Yare ba sa dumela ka baka la thabo, ba ntse ba makala, a re ho bona: Na le na le ntho e jewang mona? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ba sa dumela ka baka la thabo, ba ntse ba makala, a re ho bona: Na le na le ntho e jewang mona? |
Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.
Hape, ba ne ba na le dihlapinyana di se kaenyana; yare hobane a boke, a re, le tsona di abelwe batho.
Le lona le utlwa bohloko jwale; empa ke tla boela ke le bone, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya tla le amoha thabo ya lona.
Yare ha a tsebile lentswe la Petrose, a se ke a bula monyako ka baka la ho thaba, a mpa a matha ho ya bolella ba ka tlung hobane Petrose o eme pela mathule.