Luka 24:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele rona, re ne re tshepile hobane ke yena ya tla lopolla Iseraele; leha ho le jwalo, e se e le letsatsi la boraro taba tseo di hlahile. BIBELE Rona re ne re tshepile hore ke yena ya tla lopolla Iseraele. Ntle ho tsena tsohle, lena ke letsatsi la boraro tsena di etsahetse. Baasraak Sotho NT Empa rona re ne re tshepile hore ke yena ya neng a tla lopolla Iseraele; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa rona re ne re tshepile hore ke yena ya neng a tla lopolla Iseraele; |
Molopolli o tla tla Sione, a tle le ho ba Jakobo ba tlang ho baka dibeng tsa bona: Ho bolela Jehova.
Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.
Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.
Enereha ba phuthehile le yena, ba mmotsa, ba re: Morena, na o re, e se e le jwale o tla tsosa mmuso wa Iseraele na?
Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;