Luka 24:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba ne ba buisana ka tseo tsohle tse hlahileng. BIBELE Ba ne ba qoqa ka diketsahalo tseo tsohle. Baasraak Sotho NT Mme ba ne ba buisana ka tsena tsohle tse etsahetseng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ba ne ba buisana ka tsena tsohle tse etsahetseng. |
Ka lona tsatsi leo, ba babedi ba bona ba ne ba ya motsaneng o mong, o bitswang Emmause, bohole ba wona le Jerusalema e le stadia tse mashome a tsheletseng;
Ba re ba sa buisana, le ho botsana, Jesu ka sebele a ba atamela, mme a tsamaya le bona.
Motho ya molemo o ntsha ditaba tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme motho e mobe o ntsha ditaba tse mpe letlotlong le lebe la pelo ya hae; hobane molomo wa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.
O tle o di rute bana ba hao, mme o bue ka tsona, ha o dutse tlung ya hao, leha o le tseleng o tsamaya, leha o ya robala, leha o tsoha.