Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.
Luka 24:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa taba tsa basadi bao tsa eba jwaloka tshomo ho bona, mme ha ba ka ba dumela. BIBELE Dipolelo tseo ya ka tshomo ho bona, mme ba se ke ba ba kgolwa. Baasraak Sotho NT Mme dipolelo tsa bona tsa bonahala eka ke ditshomo feela ho bona, mme ba se ke ba ba dumela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme dipolelo tsa bona tsa bonahala eka ke ditshomo feela ho bona, mme ba se ke ba ba dumela. |
Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.
Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.
Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.
Yaba o re ho bona: Jo! batho ba se nang kutlwisiso, ba pelo tse diehang ho dumela tsohle tse boletsweng ke baporofeta!
Mme kahobane ba ne ba sa belaela ka baka la ho thaba le ho makala, a re ho bona: Na mona le na le ntho e jewang na?
Yaba o tswa, a le latela. O ne a sa tsebe hobane se etswang ke lengeloi ke nnete; empa o ne a hloma eka o bona pono ya mohlolo.