Luka 23:51 - Sesotho 1909/1961 (SO) O ne a sa ka a dumela morero wa ba bang le diketso tsa bona. E ne e le wa Arimathea, motse wa Bajuda, mme le yena o ne a lebeletse mmuso wa Modimo. BIBELE E ne e le wa Arimathea motse wa Bajuda, mme o ne a lebeletse Mmuso wa Modimo. Feela yena o ne a sa dumellana le lekgotla le diketso tsa lona. Baasraak Sotho NT Yena o ne a sa dumellane le morero le ketso ya bona; e ne e le wa Arimathea, motse wa Bajuda, eo le yena a neng a letetse mmuso wa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yena o ne a sa dumellane le morero le ketso ya bona; e ne e le wa Arimathea, motse wa Bajuda, eo le yena a neng a letetse mmuso wa Modimo. |
O se ke wa latela bongata ho ya etsa tse mpe; hape nyeweng o se ke wa bua o sekamela bongateng, ho kgopamisa ho loka.
Le se ke la re phetohelo hohle moo setjhaba sena se reng phetohelo; le se ke la tshaba seo setjhaba sena se se tshabang, le se ke la tshoha.
Yare mantsiboya, ha tla monna ya ruileng wa Arimathea, lebitso la hae e le Josefa; le yena e ne e le morutuwa wa Jesu.
ha tla Josefa wa Arimathea, monna wa lekgotla ya kgabane, ya neng a lebeletse mmuso wa Modimo le yena; a beta pelo, a kena ho Pilato, mme a qela setopo sa Jesu.
Ho ne ho na le monna Jerusalema, ya bitswang Simeone; monna eo o ne a lokile, a hlonepha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele; mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.
Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.
Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe.