Luka 23:44 - Sesotho 1909/1961 (SO) E ne e le hora e batlileng ho tshelela, mme lefifi la eba teng naheng yohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong. BIBELE E ne e ka ba hora ya leshome le metso e mmedi motsheare, ha lefifi le aparela naha yohle ho fihlela ka hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, Baasraak Sotho NT E ne e ka ba hora ya botshelela, mme lefifi la aparela lefatshe lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E ne e ka ba hora ya botshelela, mme lefifi la aparela lefatshe lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong. |
Letsatsi le tla fetoha lefifi, le kgwedi e fetohe madi, ho eso ho tle letsatsi la Jehova le leholo, le tshabehang;
Ho madimabe lona le hlolohetsweng tsatsi la Morena! Letsatsi la Morena le le lakaletsang? E tla ba lefifi, e seng lesedi.
Ka tsatsi leo, ho itswe ke morena Jehova: Ke tla diketsa letsatsi motshehare o moholo lefifi ke le hlahise lefatsheng nyene.
Ka hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.
Molaodi wa lekgolo ya emeng moo, malebana le yena, eitse ha a bona kamoo a neetseng moya kateng, hobane a meketse, a bolela, a re: Motho enwa e ne e le Mora wa Modimo ruri.
E ne e le letsatsi la ho hlekela Paseka, hora yona e batlile ho ba ya botshelela. Pilato a re ho Bajuda: Bonang, morena wa lona ke eo!
Letsatsi le tla fetolwa lefifi, le kgwedi e fetolwe madi, tsatsi la Morena le leholo, le kganyang, le eso ho tle.