Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.
Luka 22:34 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a re: Petrose, ke a o bolella hoba mokoko o ke ke wa lla kajeno, o eso ho latole hararo hore o a ntseba. BIBELE Empa Jesu a re: “Petrose, ke a o bolella hore kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo, o re ha o ntsebe.” Baasraak Sotho NT A re: Ke a o bolella, Petrose, mokoko ha o ka ke wa lla kajeno, o eso ho latole hararo hore o a ntseba. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: Ke a o bolella, Petrose, mokoko ha o ka ke wa lla kajeno, o eso ho latole hararo hore o a ntseba. |
Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.
Yaba o qala ho hlapanya, a ana, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Athe kapelepele mokoko wa lla.
Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Wena, kajeno, ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle habedi, o tla be o se o ntatotse hararo.
Yaba o re ho bona: Mohla ke neng ke le romile le se na mokotlana wa ditjhelete, le mokotla wa tsela, le dieta, na le kile la hloka ho hong na? Ba re: Ha ho letho leo re kileng ra le hloka.
Morena a reteleha, a sheba Petrose. Mme Petrose a elellwa polelo ya Morena kamoo a neng a mmolelete kateng, a re: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.
Jesu a mo araba, a re: O re, o tla tela bophelo ba hao ka baka la ka na? Kannetenete ke re ho wena: Mokoko o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.