Matsoho a basadi ba bonolo a apehile bana ba bona, ya eba dijo tsa bona tshenyehong ya moradi wa setjhaba sa ka.
Luka 21:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ho tla ba madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo, hobane tsietsi e tla ba kgolo lefatsheng, mme bohale bo tla wela setjhaba sena. BIBELE Matsatsing ao ho tla ba madimabe baimana le batswetse. Tlokotsi e tla ba kgolo lefatsheng, le kgalefo ya Modimo setjhabeng sena. Baasraak Sotho NT Empa ho madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo! hobane ho tla ba le mahlomola a maholo lefatsheng, le kgalefo hodima setjhaba sena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ho madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo! hobane ho tla ba le mahlomola a maholo lefatsheng, le kgalefo hodima setjhaba sena. |
Matsoho a basadi ba bonolo a apehile bana ba bona, ya eba dijo tsa bona tshenyehong ya moradi wa setjhaba sa ka.
Yaba o re ho nna: Bona, ke tla o bontsha se tla etsahala qetellong ya kgalefo, hobane bofello bo tla etsahala ka nako e beilweng.
Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?
Ba re ho yena: O tla timetsa ba babe bao hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e laeletsa balemi basele, ba tla mo nea ditholwana nakong ya tsona.
Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.
Hobane matsatsi a tla o wela hodimo, ao bao e leng dira ho wena ba tla tjheka lengope, ba o teele hare ka lona, ba o thibelle ka nqa tsohle;
hobane, bonang, mehla e a tla eo ho tla thwe: Ho lehlohonolo dinyopa, le mala a sa kang a tswala, le matswele a sa kang a anyesa.
Ka baka leo, ke lekanya hore ho ka ba molemo ho motho ho itulela jwalokaha a dutse, ka baka la tsietsi ya mehla ena.
Ba re hanela ho bua le baditjhaba, hore ba tle ba bolokehe, ba ntse ba tlatsa jwalo kamehla tekanyo ya dibe tsa bona. Mme bohale ba Modimo bo ba thootheletswe ka ho phetheha.
Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Modimo o kgahliswa ke mahlabelo a jwalo.
Jwale, ke tla ho lona barui. Llang, le bokolle ka baka la ditlokotsi tse tla le wela hodimo.
Hobane nako ena ke eo kahlolo ya Modimo e tshwanetseng ho qala ka ntlo ya Modimo; mme ha e qala ka rona, bofelo ba ba sa dumeleng Evangeli ya Modimo e tla ba eng?