Lea a re: Ke lehlohonolo, hobane baradi ba batho ba tla mpitsa ya lehlohonolo; mme a mo rea lebitso la Asere (ya lehlohonolo).
Luka 2:36 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, ho ne ho le Anna, moporofeta wa mosadi, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere; o ne a se a hodile haholo, a kile a ba le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae; BIBELE Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, ya bitswang Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere. Anna eo o ne a se a tsofetse haholo, a ile a phela le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae. Baasraak Sotho NT Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere; |
Lea a re: Ke lehlohonolo, hobane baradi ba batho ba tla mpitsa ya lehlohonolo; mme a mo rea lebitso la Asere (ya lehlohonolo).
Ebile moprista Hilkia, le Akikame, le Akbore, le Shafane, le Asaia ba ya ho moporofeta Hulda, mosadi wa Shallume, mora Thikva, mora Harhase, mmoloki wa diaparo. O ne a ahile Jerusalema, karolong e nngwe ya motse. Ha ba mmoleletse,
O tla orohela lebitleng la hao ka botsofadi bo botala, jwaloka ngata ya koro, ha e thothwa nakong ya teng.
Yaba Miriame moporofeta, kgaitsedi ya Aarone, le yena o nka moropa letsohong la hae; basadi kaofela ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, ba tlaka.
Haele wena, mora motho, lebisa sefahleho sa hao nqa ho baradi ba tjhaba sa heno ba porofetang ka ho rata ha dipelo tsa bona, o ba porofetele,
le hona, lerumo le tla hlaba pelo ya hao, hore mehopolo ya dipelo tse ngata e tle e senolwe.
Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.
Mehleng eo, ke fela ke tla tshela bahlanka ba ka ba batona le ba batshehadi ka Moya wa ka, mme ba tla porofeta.
Mme mosadi e mong le e mong ha a rapela, leha a porofeta, a sa rwale hloohong, o tlotlolla hlooho ya hae, hobane ke ntho e le nngwe le ha a beotswe.
Empa e ka kgona molebedi a hloke sekodi, e be monna wa mosadi a le mong, a be le phadimeho, le masene, le hlompheho, a rate ho amohela baeti, a lokele ho ruta.
Ho ngolwe mohlolohadi eo dilemo tsa hae di sa haelleng ho phetha mashome a tsheletseng, eo e kileng ya eba mosadi wa monna a le mong feela;
ba leloko la Asere ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Nefthali ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Manase ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;
O ne a ena le basadi ba le babedi, lebitso la e mong e le Anna, lebitso la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a na le bana, Anna yena e ne e le nyopa.