Tloong, le mamele, lona kaofela ba tshabang Modimo, ke tla le bolella seo o se entseng bakeng sa moya wa ka.
Luka 2:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane ba le bone, ba bolela kahohle taba tsa ngwana, tseo ba di boleletsweng. BIBELE Hoba ba le bone, ba phatlalatsa taba eo ba e boleletsweng ka ngwana eo. Baasraak Sotho NT Yare ha ba bona hoo, ba tsebahatsa lentswe leo ba le boleletsweng ka ngwana enwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha ba bona hoo, ba tsebahatsa lentswe leo ba le boleletsweng ka ngwana enwa. |
Tloong, le mamele, lona kaofela ba tshabang Modimo, ke tla le bolella seo o se entseng bakeng sa moya wa ka.
Yaba ba tshabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngwanabo, mme Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ya kgopotso ya ngolwa pela hae, ya ngollwa ba tshabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.
Yaba ba phakisa ba eya, ba fihlela Maria, le Josefa, le lesea le robaditsweng sejelong.
Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.
Boela tlung ya hao, o bolele tse kgolo tseo Modimo o o etseditseng tsona. A ya, a bolella ba motse kaofela tseo a di etseditsweng ke Jesu.