Luka 19:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha a atametse Jerusalema, a bona motse, a o llela, BIBELE Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela, Baasraak Sotho NT Eitse ha a atamela, a bona motse, a o llela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a atamela, a bona motse, a o llela. |
Ke hona ke reng: Ntloheleng, ke tle ke lle habohloko: se phehelleng ho ntshedisa, ha ke lla ka tshenyeho ya moradi wa setjhaba sa ka!
Hobane Jehova o tla ema jwalokaha a entse thabeng ya Peratsime, o tla halefa jwalokaha a entse sekgutlong sa Gibeone, a tle a sebetse mosebetsi wa hae: mosebetsi wa hae ke o makatsang; a etse ketso ya hae: ketso ya hae ke e tsotisang.
Empa ekare ha le sa utlwe hoo, pelo ya ka e tla lla sephiring ka baka la boikgohomoso ba lona, mahlo a ka a tla lla, a be a lle, a tsholle meokgo, ke hobane mohlape wa Jehova o ya iswa kgolehong.
Mme nna ha ke a ka ka ikganela hore ke se be modisa ya o salang morao; ha ke a ka ka lakatsa letsatsi la tlokotsi; wena o a tseba; se tswileng molomong wa ka se pontsheng ya sefahleho sa hao.
Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!
Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.
a re: Jo! hoja ebe le wena o tsebile, le ka tsatsi lena la hao, tse ka beng di o hlahisetsa kgotso! Empa jwale di patetswe mahlo a hao.