A bitsa bahlanka ba hae ba leshome, a ba nea ponto tse leshome, a re ho bona: Le nne le bapatse ka tsona, ke be ke fihle.
Luka 19:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha fihla wa pele, a re: Morena, ponto ya hao e hlahisitse ponto tse leshome. BIBELE “Ha tla wa pele, a re: ‘Morena, mina ya hao e tswetse dimina tse leshome.’ Baasraak Sotho NT Jwale wa pele a tla, a re: ’Morena, ponto ya hao e hlahisitse ponto tse leshome. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale wa pele a tla, a re: ’Morena, ponto ya hao e hlahisitse ponto tse leshome. |
A bitsa bahlanka ba hae ba leshome, a ba nea ponto tse leshome, a re ho bona: Le nne le bapatse ka tsona, ke be ke fihle.
Eitse mohla a kgutlang a se a nkile borena, a laela hore bahlanka ba hae, bao a ba neileng ditjhelete, ba bitswe, a tle a tsebe hoba e mong le e mong o ruile ho le hokae ka papatso ya hae.
A re ho yena: Ho lokile, mohlanka ya molemo; ereka ha o bile kgabane ka ntho e nyenyane, busa metse e leshome.
Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.