Empa balemi, ha ba bona mora hae, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, re tle re inkele lefa la hae.
Luka 19:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re: Motho e moholo o ne a etela fatsheng le hole ho inkela borena, a ntoo boya. BIBELE Yaba o re: “Monna e mong wa leloko la borena o ne a ye lefatsheng le hole ho ya newa borena, a nto kgutla. Baasraak Sotho NT A re: “Monna e mong o ile a ya naheng e hole ho ya inkela borena, a ntoo kgutla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: “Monna e mong o ile a ya naheng e hole ho ya inkela borena, a ntoo kgutla. |
Empa balemi, ha ba bona mora hae, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, re tle re inkele lefa la hae.
Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.
Jwale, a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: Motho o ne a hlomile tshimo ya merara, a e sireletsa ka motero; a tjheka sehatelo teng, a haha tora, a e laeletsa balemi, a ntoo eta.
Eitse hobane Morena a bue le bona jwalo, a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo.
Yaba o qala ho bolella batho setshwantsho sena: Motho wa horeng o ne a hlome tshimo ya merara; a e laeletsa balemi, a ntoo eta ka tshiu tse teletsana.
Pilato a re ho yena: Ke ho re, o morena na? Jesu a mo araba, a re: O a bolela, ke morena; ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pake nnete. E mong le e mong eo e leng wa nnete, o utlwa lentswe la ka.
Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatshe ka lona ka ho loka, ka monna eo o mmeetseng hoo, mme o lokiseditse bohle tshepiso ya teng ka ho mo tsosa bafung.
ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.
ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.
Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!