Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mmolella tsohle tseo ba di entseng, le tseo ba di rutileng batho.
Luka 17:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Baapostola ba re ho Morena: Totisa tumelo ya rona. BIBELE Baapostola ba re ho Morena: “Re ekeletse tumelo.” Baasraak Sotho NT Baapostola ba re ho Morena: Ekeletsa tumelo ya rona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Baapostola ba re ho Morena: Ekeletsa tumelo ya rona. |
Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mmolella tsohle tseo ba di entseng, le tseo ba di rutileng batho.
Yaba ntata ngwana o phakisa a phahamisa lentswe ka meokgo, a re: Ke a dumela, Morena! nthuse ho se dumeleng ha ka.
Yaba Johanne o bitsa barutuwa ba hae ba babedi, a ba romela ho Jesu, a re: Na ke wena ya boletsweng, ho thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?
Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.
re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.