O se ke wa tlosa moya wa ka le baetsadibe, leha e le bophelo ba ka le ba batho ba madi,
Luka 17:34 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke a le bolella, ke re: Ka bosiu boo, ho ba babedi ba robetseng phateng e le nngwe, e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe. BIBELE Ke a le bolella, ka bosiu boo etlare ba babedi ba le betheng e le nngwe, e mong a nkwe, e mong a siuwe; Baasraak Sotho NT Ke a le bolella, ka bosiu boo, banna ba babedi ba tla be ba le betheng e le nngwe; e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke a le bolella, ka bosiu boo, banna ba babedi ba tla be ba le betheng e le nngwe; e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe. |
O se ke wa tlosa moya wa ka le baetsadibe, leha e le bophelo ba ka le ba batho ba madi,
O se ke wa ntlosa hammoho le ba babe le ba etsang bokgopo, ba bolelang kgotso ho ba habo, athe bolotsana bo ka dipelong tsa bona.
Bonang, taba tsa pele di hlahile; jwale ke le bolella tse ntjha, ke le tsebisa tsona, di eso ho hlahe.
Mme wena, na o ka ipatlela boholo na? O se ke wa ipatlela jona, hobane bona, ke ya tlisa bobe hodima batho bohle, ho bolela Jehova; empa ke tla o nea bophelo ba hao, e be kgapo ya hao nqalong tsohle moo o ka yang teng.
Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ke a le bolella, ba bangata ba tla rata ho kena, mme ba tla sitwa.
E mong le e mong ya tla batla ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke jona, mme e mong le e mong ya tla timellwa ke jona, ke yena ya tla bo boloka.
ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;