Luka 17:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba ka ba boya, ba tle ba tlotlise Modimo, haese motho enwa wa mofuta osele? BIBELE Na ha ho ba kgutlileng ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba eo feela na?” Baasraak Sotho NT Ha ho a fumanwa ba kgutletse ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba enwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ho a fumanwa ba kgutletse ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba enwa. |
Ya ntlhabelang sehlabelo sa diteboho ke yena ya ntlotlisang; e mong le e mong ya lokisang tsela ya hae, ke tla mmontsha poloko ya Modimo.
Jesu, ha a mo utlwa, a tsota, mme a bolella ba mo latelang, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.
Empa bara ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo.
Yaba Jesu o bua, a re: Na ha ba ka ba ntlafala ba le leshome na? Ba robileng mono o le mong ba kae na?
la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.