Mosadi a re: E, Morena; empa le tsona dintjanyana di ye di thole makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona.
Luka 16:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) o ne a lakatsa a ka kgora makumane a wang tafoleng ya morui; hape le tsona dintja di ne di tla, di nyeka dibebe tsa hae. BIBELE O ne a lakatsa ho iphepa ka tse wang tafoleng ya morui. Le dintja di ne di etla di nyeka diso tsa hae. Baasraak Sotho NT Mme a ne a lakatsa ho kgora makumane a wang tafoleng ya morui, ho feta moo, dintja tsa tla, tsa nyeka diso tsa hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme a ne a lakatsa ho kgora makumane a wang tafoleng ya morui, ho feta moo, dintja tsa tla, tsa nyeka diso tsa hae. |
Mosadi a re: E, Morena; empa le tsona dintjanyana di ye di thole makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona.
Eo a mpa a araba, a re ho Jesu: E, Morena! empa, leha ho le jwalo, dintjanyana le tsona di ye di je makumane a bana katlasa tafole.
Mofutsana e mong le yena o ne a le teng, ya bitswang Lasaro, ya neng a bewa pela monyako wa eo, a tletse dibebe;
Eitse ha ba kgotshe, a re ho barutuwa ba hae: Bokellang dingwathwana tse setseng, ho tle ho se ke ha senyeha letho.
Ho fihlela nako ena, re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a jabelwa, mme re hloka setsha.
Ka ba ditsietsing le bothateng, ka hloka boroko hangata, ka lapa, ka nyorwa, ka itima dijo hangata, ka hatsela, ka senyehelwa ke dikobo.