Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.
Luka 16:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho mohlanka ya ka sebeletsang marena a mabedi; hobane a ka hloya e mong, a rata e mong; mohlomong a ka kgomarela e mong, a nyedisa e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona. BIBELE “Ha ho mohlanka ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.” Baasraak Sotho NT Ha ho mohlanka ya ka sebeletsang marena a mabedi; hobane o tla hloya e mong, mme a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ho mohlanka ya ka sebeletsang marena a mabedi; hobane o tla hloya e mong, mme a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo. |
Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.
Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.
Ekare ha e mong a etla ho nna a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le banababo, le bokgaitsedie, le bona bophelo ba hae, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.
Le nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka matlotlo a sa lokang; hore, etlere mohla a hlokahalang, ba le amohele meahong e sa feleng.
Empa Jesu a re ho yena: Le se ke la mo hanela; hobane ya sa re lwantsheng, o a re lwanela.
Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.
Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.