Abrahama a titimela mohlapeng, a nka namane e nama e boreletsana, e monate, a e neela mohlanka, hore a phakise a e apehe.
Luka 15:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) mme le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re tle re je, re nyakalle. BIBELE Hape le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe, re je, mme re keteke, Baasraak Sotho NT Le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe; mme a re jeng, mme re thabe; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le tlise namane e nontshitsweng, le e hlabe; mme a re jeng, mme re thabe; |
Abrahama a titimela mohlapeng, a nka namane e nama e boreletsana, e monate, a e neela mohlanka, hore a phakise a e apehe.
Moya wa ka o tla kgora jwaloka hoja ke jele moko le mafura, mme ka lentswe la nyakallo molomo wa ka o tla o roka.
Ho ja meroho feela moo lerato le leng teng, ho monate ho ena le ho ja kgomo e nonneng, moo ho nang le hloyano.
Thabeng ena, Jehova wa makgotla o tla etsetsa ditjhaba kaofela mokete wa dijo tse hlabosang, mokete wa diveine tse monate tse nkilweng hodima ditshifa, mokete wa dijo tse hlabosang, tsa moko, wa diveine tse nkilweng hodima ditshifa, tse hlwekileng.
Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokwa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monwaneng, le be le mo rwese dieta maotong;
Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme jwale o boetse o pholohile; o ne a lahlehile, mme jwale o boetse o fumanwe. Mme ba qala ho nyakalla.
Mosadi eo o ne a na le namane e nonneng hae; a phakisa a e hlaba; a nka le phofo, a e duba, a apeha ka yona bohobe bo sa lomoswang.