Hobane ba o kwenehelang ba tla fela. O timetsa bohle ba yang ho itshilafaletsa hole le wena.
Luka 15:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha feta matsatsi a se makae, mora wa hae e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole, a qhalanya letlotlo la hae teng ka ho phela ka bohlola. BIBELE “Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela lefatsheng le hole, mme teng a hafa leruo la hae ka ho phela habohlaswa. Baasraak Sotho NT Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole; |
Hobane ba o kwenehelang ba tla fela. O timetsa bohle ba yang ho itshilafaletsa hole le wena.
Letlotlo le lakatsehang le mafura di ka tlung ya ya bohlale; empa lewatla le di metsa feela.
Ya bolokang molao ke ngwana ya hlalefileng, empa ya itlwaetsang manyolonyolo o hlabisa ntatae dihlong.
Ya ratang bohlale o thabisa ntatae; empa ya thabelang diraburabu, o senya letlotlo la hae.
Hobane mosadi wa seotswa o fumanehisa motho, a be a sallwe ke sengwathwana sa bohobe feela, mme letekatsi le tsoma ho phela ha motho ya qenehelwang.
Jo! Setjhaba sa badibe, mofuta o ipelesitseng makgopo, lesika le bolotsana, bana ba bodileng! Ba furaletse Jehova, ba nyefotse Mohalaledi wa Iseraele, ba kgutletse morao.
Empa, bonang, ke thabo le menyaka, ho hlajwa dikgomo, ho hlajwa dinku, ho jewa dinama, ho nowa veine; ho thwe: A re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.
Kgelohang tsela, eyang kathoko, lesang ho bea Mohalaledi wa Iseraele pela mahlo a rona!
Ba re: Tloong, ke tla batla veine, mme a tla tahwa ke jwala; jwalokaha ho bile kajeno, ho tla ba jwalo le hosasane, e, haholo ka ho fetisisa.
Hobane setjhaba sa ka se entse dibe tse pedi: ba ntlhobohile, nna ke leng sediba sa metsi a kollang, mme ba itjheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.
A lona ba mofuta! mamelang lentswe la Jehova: Na nkile ka ba naha e tshehla ho Iseraele, kapa naha ya lefifi le letsho na? Setjhaba sa ka se bolela jwang, ha se re: Re tla nne re mathela mane le mane; ha re sa tla kgutlela ho wena?
Ho itswe ke Jehova: Bontata lona ba kile ba fumana bokgopo bofe ho nna, ha ba kile ba ya hole le nna, ba tsamaela bosawana, mme ba fetohile bosawana?
E monyenyane wa bona a re ho ntatae: Ntate, mphe karolo ya letlotlo eo e tla ba ya ka. Mme a ba arolela dintho tsa hae.
Empa enwa mora wa hao, ya jeleng letlotlo la hao kaofela le dinyatsi, ere a sa fihla, o mo hlabetse namane e nontshitsweng.
Le hona Jesu a bolella barutuwa ba hae, a re: Motho wa morui o ne a le teng, ya nang le qhoku, mme ya qoswa ho yena, ha thwe, e qhalantse letlotlo la hae.
Morui e mong o ne a le teng ya apereng purepera le lene e ntle, ya iketlileng menateng ka matsatsi wohle.
Empa jwale, ha le le ho Jesu Kreste, lona bao le neng le le hole kgale, le atameditswe ke madi a Kreste.
Mme ha a tlile, o boletse kgotso ho lona le neng le le hole, le ho ba neng ba le haufi;
Seo e leng monyaka ho bona ke ho phela ka bohlola ka matsatsi wohle; ke matheba le ditshila hara lona; ba ithabela dithetsong tsa bona, ha ba ntse ba eja le lona.