Nka bitsa mang, nka botsa mang, ba tle ba mamele? Bonang, tsebe ya bona ha e a bolla, ba sitwa ho ela taba hloko; bonang, lentswe la Jehova le fetohile sesomo hara bona, ha ba sa ikgahlisetsa lona.
Luka 14:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa bohle ba eba ntswe le le leng ho itatola. Wa pele a re ho yena: Ke rekile tshimo, mme ke tshwanetse ho ya e bona. Ke a o rapela, o ntatolele hantle. BIBELE “Yaba bohle ba itatola ka bomong ka ho tshwana. Wa pele a re ho yena: ‘Ke rekile setsha, mme ke tlamehile ho ya se bona. Ke a o kopa, o ntatolele.’ Baasraak Sotho NT Yaba bohle ba qala ka tumellano e le nngwe ho ikemela. Wa pele a re ho yena: Ke rekile tshimo, mme ke tshwanetse ho ya e bona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba bohle ba qala ka tumellano e le nngwe ho ikemela. Wa pele a re ho yena: Ke rekile tshimo, mme ke tshwanetse ho ya e bona; |
Nka bitsa mang, nka botsa mang, ba tle ba mamele? Bonang, tsebe ya bona ha e a bolla, ba sitwa ho ela taba hloko; bonang, lentswe la Jehova le fetohile sesomo hara bona, ha ba sa ikgahlisetsa lona.
A roma mohlanka wa hae ka nako ya ho lalla, ho bolella ba bitsitsweng, ho re: Tloong, hobane ntho tsohle di se di lokisitswe.
E mong a re: Ke rekile dipholo tse lekanang joko tse hlano, mme ke sa ya di leka. Ke a o rapela, o ntatolele hantle.
Eitse ha Jesu a bona hobane o swabile haholo, a re: Ho thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!
Tse wetseng meutlweng, ke ba utlwileng lentswe; empa ha ba ntse ba eya, ba pupetswa ke dipelaelo tsa lefatshe, le lerato la lefumo, le menyaka ya bophelo bona, mme ba se ke ba beha dijo.
E seng hore le nna nka hloka seo nka ithorisetsang ka sona le nameng. Ekare ha e mong a lekanya hoba o na le sebaka sa ho ithorisetsa nameng, haholo ka nna eo.
hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.
Ho se ke ha eba e mong e leng mofebi, leha e le ya etsang ditaba tsa Modimo bosawana, jwaloka Esau, ya neng a bapatse ka boholo ba hae ba ho tswalwa, a reka sejonyana se le seng feela.