Setjhaba se ikokobetsang o a se pholosa; empa mahlo a hao a tjametse baikgohomosi hore o ba kokobetse.
Luka 14:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa. BIBELE hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.” Baasraak Sotho NT Hobane e mong le e mong ya iphahamisang, o tla kokobetswa; mme ya ikokobetsang o tla hodiswa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane e mong le e mong ya iphahamisang, o tla kokobetswa; mme ya ikokobetsang o tla hodiswa. |
Setjhaba se ikokobetsang o a se pholosa; empa mahlo a hao a tjametse baikgohomosi hore o ba kokobetse.
Yaba morena o re ho Hamane: Phakisa o nke seaparo le pere, jwalokaha o sa tswa bolela, mme o etse jwalo ho Mordekai, Mojuda ya dutseng pela monyako wa morena; o se ke wa lesa taba leha e le nngwe ya tsohle tseo o di boletseng.
Leha o ka tsamaya boikokobetsong, o tla ikopela matla a ho itsosa. O boloka motho ya ikokobetsang;
Tshenyeho ha e tla hlaha, pelo ya motho e ye e ikgohomose, empa boikokobetso bo etella hlompho pele.
Ho kgora dinotshi tse ngata hampe ha ho monate; ho jwalo ba ipatlelang hlompho, ba imelwa ke yona.
Boikgohomoso ba motho bo a mo kokobetsa, empa ya pelo e ikokobetsang o tla finyella kganyeng.
Mahlo a ikgantshang a batho a tla kokobetswa, boikgohomoso jwa ba baholo bo nyenyefatswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.
Boikgantsho ba batho bo tla fela, boikgohomoso jwa ba baholo bo kokobetswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.
E mong le e mong ya iphahamisang, o tla kokobetswa, mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla phahamiswa.
O sebeditse ka matla ka letsoho la hae; o qhalantse ba ikgohomositseng mehopolong ya dipelo tsa bona;
Hape, a re ho ya mmitsitseng: Enore ha o etsa mmoka wa motshehare, leha e le wa ho lalla, o se ke wa bitsa metswalle ya hao, leha e le banabeno, leha e le ba heno, leha e le barui bao o ahisaneng le bona; esere mohlomong le bona ba o bitsa, ba ananya tsa hao.
Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a beilwe ya lokileng ho feta wa pele. Hobane e mong le e mong ya ikgodisang o tla kokobetswa; empa ya ikokobetsang o tla hodiswa.
Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.
Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.
Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang.
Saule a re ho yena: Bua. Samuele a re: Ha ke re, o ne o le monyenyane le mahlong a hao, mohla o bewang hlooho ya meloko ya Iseraele, e le mohla Jehova a o tlotsang ho ba morena wa Iseraele na?