Luka 14:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa enore ha o bitsitswe, o ye, o dule tulong e kamorao, hore ya o bitsitseng ha a etla, a re ho wena: Motswalle, fetela pele. Mme jwale, e tla ba hlompho ho wena hara ba dutseng dijong le wena. BIBELE Empa ha o memilwe, eya o dule ditulong tse kamorao, hore ha ya o memileng a etla, a tle a re ho wena: ‘Motswalle, fetela ditulong tse kapele!’ ebe moo o fumanang hlompho mahlong a ba dutseng le wena, Baasraak Sotho NT Empa ha o laleditswe, o ye o dule nqalong e katlase; etlere ha ya o bitsitseng a etla, a re ho wena: Motswalle, nyolohela hodimo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha o laleditswe, o ye o dule nqalong e katlase; etlere ha ya o bitsitseng a etla, a re ho wena: Motswalle, nyolohela hodimo; |
Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.
Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.
Saule a re ho yena: Bua. Samuele a re: Ha ke re, o ne o le monyenyane le mahlong a hao, mohla o bewang hlooho ya meloko ya Iseraele, e le mohla Jehova a o tlotsang ho ba morena wa Iseraele na?