Le re tsomeleng diphokojwe le diphokojwana tsa tsona tse senyang masimo a merara, hobane merara ya rona e thuntse.
Luka 13:32 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: Bona, ke leleka batemona, mme ke sa fodisa batho kajeno le hosasane; mme ka la boraro ke ya phetheha. BIBELE A re ho bona: “Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: ‘Bona, kajeno ke leleka bademona, mme ke a fodisa, le hosasane ke tla etsa jwalo, empa ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile.’ Baasraak Sotho NT A re ho bona: Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: Bona, ke leleka batemona, ke etsa diphodiso kajeno le hosasane, mme ka tsatsi la boraro ke tla be ke phethehile. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: Bona, ke leleka batemona, ke etsa diphodiso kajeno le hosasane, mme ka tsatsi la boraro ke tla be ke phethehile. |
Le re tsomeleng diphokojwe le diphokojwana tsa tsona tse senyang masimo a merara, hobane merara ya rona e thuntse.
Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;
Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.
Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; ke tlepeletswa ofe ho yona na?
Eitse hobane Jesu a nke asene, a re: Ho phethehile. Yaba o kebisa hlooho, a neela moya.
Efela ho ne ho tshwaneleha hoba yena eo ntho tsohle di etseditsweng yena, eo tsohle di entsweng ke yena, ha a ne a tla isa bana ba bangata kganyeng, a phethisise ka bohloko eo e leng Morena wa poloko ya bona.
Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,
Molao o fela o nka batho ba fokolang ho ba etsa baprista ba baholo; empa haele polelo ya kano e entsweng kamorao ho molao, e mmea Mora ya phethehileng ka ho sa feleng.