Luka 13:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Morena a mo araba, a re: Baikaketsi! na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla kgomo ya hae, leha e le esele ya hae sejelong ka Sabatha, a tle a e ise ho nwa na? BIBELE Empa Morena a mo araba, a re: “Baikaketsi ting, na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla pholo ya hae kapa tonki sejelong ka Sabatha, a e ise ho ya nwa na? Baasraak Sotho NT Morena a mo araba, a re: “Moikaketsi ke wena! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Morena a mo araba, a re: “Moikaketsi ke wena! |
Hobane mohlorisi ha a sa tla ba teng, mosomi le yena o tla be a fedile, le batho bohle ba fadimehelang ho etsa bobe ba tla be ba tlositswe,
Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.
Le lona, ho batho ba le tadimang kantle, ho jwaloka eka le lokile, athe kahare ho lona le tletse boikaketsi le bokgopo.
Moikaketsi, qala hle ka ho ntsha tshiya e leihlong la hao, ke moo o tla bontshisa ho ntsha lehlokwana leihlong la ngwaneno.
Ho sa le jwalo, batho ba dikete ba ne ba phuthehile hammoho, ba bile ba hatellana; mme Jesu a qala ho bua le barutuwa ba hae pele, a re: Le tshabe ditomoso tsa bafarisi, e leng boikaketsi.
Yaba o bua, a re ho bona: Ke mang ho lona, ekareng ha esele ya hae, leha e le kgomo ya hae, e wetse mokoting, a ke keng a phakisa ho e nyolla ka tsatsi la Sabatha na?
Kapa o ka bolella ngwaneno jwang, wa re: Ngwaneso, ntumelle, ke ntshe lehlokwana le leihlong la hao, kanthe wena, ha o tadime tshiya e leihlong la hao? Moikaketsi, qala ka ho ntsha tshiya e leihlong la hao, ke moo o tla bontshisa ho ntsha lehlokwana le leihlong la ngwaneno.
Yaba Johanne o bitsa barutuwa ba hae ba babedi, a ba romela ho Jesu, a re: Na ke wena ya boletsweng, ho thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?