Mahlo a ka a tla tadima batshepuwa ba lefatshe, ba tle ba ahe le nna; ya latelang tsela e se nang molato, ke tla mo etsa mohlanka wa ka.
Luka 12:43 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho lehlohonolo mohlanka eo, etlareng ha morena wa hae a etla, a mo fumane a ntse a etsa jwalo. BIBELE Ho lehlohonolo mohlanka eo etlare ha monga hae a fihla, a mo fumane a etsa jwalo. Baasraak Sotho NT Ho lehlohonolo mohlanka eo, ha morena wa hae a fihla, a tla mo fumana a etsa jwalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho lehlohonolo mohlanka eo, ha morena wa hae a fihla, a tla mo fumana a etsa jwalo. |
Mahlo a ka a tla tadima batshepuwa ba lefatshe, ba tle ba ahe le nna; ya latelang tsela e se nang molato, ke tla mo etsa mohlanka wa ka.
Ya disang sefate sa feiye o tla ja tholwana ya sona, ya bolokang monga hae hantle o tla hlomphuwa.
Ho lehlohonolo motho ya etsang hoo, le ngwana motho ya tiisetsang teng, ya bolokang Sabatha, a tle a se ke a e silafatsa, mme a tshabisa letsoho la hae, le tle le se ke la senya le hanyenyane!
Ho lehlohonolo mohlanka eo morena wa hae, mohla a fihlang, a tla mo fumana a etsa jwalo.
Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba fadimehile! Kannete ke re ho lona: O tla itlama, a ba dudise dijong, mme o tla atamela, a ba sebeletse.
Morena a re: Mohlahlobi ke ofe ya kgabane, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae, ho ba nea dijo tsa bona ka nako e tshwanelang?
Ka baka leo, baratuwa, erekaha le lebeletse tse jwalo, itiiseng hore le tle le fihlelwe ke yena le ena le kgotso, le se na letheba le sekodi.